1Nna Paulosi, mothswaruwa ka baka la Kreste Jesu, le Timothea ngwanabo rona, re dumedisa Filemone, moratuwa eo re sebetsang mmoho le yena, 2le Afia kgaitsedi ya rona, le Arekipose eo re leng bahlabani mmoho le yena, le kereke e phuthehelang ha Filemone, re re:3Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.
Lerato le tumelo ya Filemone
4Kamehla ha ke o hopola dithapelong tsa ka, ke leboha Modimo, 5hobane ke utlwa ho bolelwa tumelo eo o nang le yona ho Morena Jesu, le lerato leo o nang le lona ho badumedi bohle. 6Thapelo ya ka ke hore tumelo eo o nang le kabelo ho yona e sebeletse, e tle e tswale kutlwisiso ya tsohle tse molemo tseo re nang le tsona ho Kreste. 7Ngwaneso, lerato la hao le nthabisitse, le ntshedisitse haholo, hobane ke ka wena dipelo tsa badumedi di kgatholohileng.
bala diphetolelo tse ding ka dipuo tsohle tse molaong;
Mamela Bibele (diphetolelo tse 11 di se di fumaneha).
Bapisa diphetolelo tse fapaneng;
etsa hore boitsebelo ba hao ebe ba hao ka ho kenyeletsa dinoutso tsa hao le tseo o di hlakisitseng. Hape o tla kgona ho sheba dinoutso le dihlakiso tsa hao di arohane.
Fumana dihlooho le diatikele tsa nalane tse fetang 1100+ ka English le Afrikaans le dimmapa tse 52 tse mebalabala.