1Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho Jeremia, la re: 2“Ema, o theohele tlung ya sebopi sa dinkgo, mme ha o le moo ke tla o bolella molaetsa wa ka.”
3Yaba ke theohela tlung ya sebopi sa dinkgo, mme ka fumana se ntse se rita dinkgo ka lebidi la sona. 4Nkgo eo sebopi se neng se e bopa ka letsopa ya senyeha se ntse se e bopa, yaba se boela se qala ho bopa e nngwe e tla se kgotsofatsa.
5Jwale lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 6“Na ke hore wena, ntlo ya Iseraele, nke ke ka o etsa jwalokaha sebopi se etsa ka letsopa la sona?” ho rialo Morena. “Seo letsopa le leng sona matsohong a sebopi, ke seo wena ntlo ya Iseraele, o leng sona matsohong a ka.
1Hopotsa batho hore eka kgona ba ikokobeletse babusi le ba neilweng matla, ba ba mamele, ba itokisetse mesebetsi yohle e lokileng. 2Ba se nyefole motho, ba se rate ntwa, ba be mosa, ba be bonolo ho batho bohle.
3Pele le rona re ne re le dithoto, re hana ho mamela, re kgelohile, re le makgoba a ditakatso le a menyaka ya mefutafuta, re phela ka lonya le ka mona, re hloyehile, re hloyane. 4Empa yare mohla ho bonahalang molemo wa Modimo, Mopholosi wa rona, le lerato la hae ho batho, 5a re pholosa, e seng ka baka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng, empa e le ka baka la lereko la hae. A re pholosa ka tlhatsuo ya ho tswalwa botjha, eo Moya o Halalelang o re ntjhafatsang ka yona. 6Moya oo Modimo o o theoletse hodima rona ka bongata, ka Jesu Kreste Mopholosi wa rona, 7e le hore, ha re se re lokafaditswe ka mohau wa hae, re tle re be majalefa a bophelo bo sa feleng, boo re bo tshepileng.
bala diphetolelo tse ding ka dipuo tsohle tse molaong;
Mamela Bibele (diphetolelo tse 11 di se di fumaneha).
Bapisa diphetolelo tse fapaneng;
etsa hore boitsebelo ba hao ebe ba hao ka ho kenyeletsa dinoutso tsa hao le tseo o di hlakisitseng. Hape o tla kgona ho sheba dinoutso le dihlakiso tsa hao di arohane.
Fumana dihlooho le diatikele tsa nalane tse fetang 1100+ ka English le Afrikaans le dimmapa tse 52 tse mebalabala.