10Ha e le wena, o ntatetse ka hloko thutong, metsamaong, mererong, tumelong, mamellong, leratong, tiisetsong, 11ditlhorisong le ditlhokofatsong tse ileng tsa ntlhahela Antiokia, Ikonione le Lesitera. Ditlhoriso tseo ke ileng ka di mamella ke tse kaakang! Empa Morena o ile a ntopolla ho tsona kaofela.12Efela bohle ba ratang ho phela ho Kreste Jesu ka borapedi, ba tla hloriswa. 13Ha e le batho bao ba kgopo, ba mamenemene, bobe ba bona bo tla nne bo tote, ba thetse ba bang, le bona ba thetsehe. 14Empa wena, kgomarela tseo o di rutilweng ka mokgwa o kgodisang, o ntse o tseba hore na o di rutilwe ke mang. 15Ho tloha bonyenyaneng ba hao o tsebile Mangolo a Halalelang, a nang le matla a ho o hlalefisa, o tle o pholoswe ka ho dumela ho Kreste Jesu. 16Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona, 17hore motho wa Modimo a tle a phethehe, a kwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng.
bala diphetolelo tse ding ka dipuo tsohle tse molaong;
Mamela Bibele (diphetolelo tse 11 di se di fumaneha).
Bapisa diphetolelo tse fapaneng;
etsa hore boitsebelo ba hao ebe ba hao ka ho kenyeletsa dinoutso tsa hao le tseo o di hlakisitseng. Hape o tla kgona ho sheba dinoutso le dihlakiso tsa hao di arohane.
Fumana dihlooho le diatikele tsa nalane tse fetang 1100+ ka English le Afrikaans le dimmapa tse 52 tse mebalabala.