Mofumahadi Fashiti o tlola taelo ya kgosi Ahashuerushe
1Taba tsena di etsahetse mehleng ya Ahashuerushe ya neng a busa dinaha tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng, e leng ho tloha naheng ya India ho ya fihla naheng ya Kushe. 2Hona mehleng eo, kgosi Ahashuerushe o ne a dutse teroneng ya hae, motseng wa Shushane, e leng motse wa bokgosi.
3Ka selemo sa boraro sa puso ya hae, a etsetsa mahosana wohle a hae le bahlanka ba hae, mokete. Balaodi ba mabotho a Peresiya le Media, le mahosi le mahosana, le bona ba ne ba le teng. 4A nka matsatsi a lekgolo le mashome a robedi a ntse a ba bontsha matlotlo a mmuso wa hae o kgabane, le tlotla ya botlotlehi ba hae.
5Ha matsatsi ana a se a fetile, kgosi ya etsetsa setjhaba sohle sa yona mokete motseng wa Shushane, e leng motse wa bokgosi. Mokete ona wa etsetswa mahosana le bafo, mme wa qeta matsatsi a supileng. O ne o tshwaretswe mabaleng a serapa sa ntlo ya kgosi. 6Ho ne ho ena le masela a masweu, le a maputswa, a neng a leketlisitswe kgweleng e entsweng ka lesela le lohehileng, le perese, a tlameletswe mefitshaneng e neng e entswe ka silefera, mme e hoketswe ditshiyeng tsa mahakwe a masweu. Ditulo tse nang le mesamo di ne di entswe ka kgauta le ka silefera, di beilwe hodima lebala le katilweng ka mahakwe a mafubedu, le a masweu, le a boputswa ba lehodimo, le a matsho. 7Ba ba qhatsetsa dino ka dinwelong tsa mefutafuta tsa kgauta le tsa silefera. Veine ya kgosi e ne e le ngata haholo, ho ya kamoo kgosi e neng e fana kateng. 8Ho ne ho nowa ka molao wa hore ho se be ya qobellwang. Kgosi e ne e laetse bahlanka ba yona hore ba etsetse motho ka mong kamoo a ratang kateng.
9Mofumahadi Fashiti le yena a etsetsa basadi mokete ka tlung ya kgosi Ahashuerushe.
10Ka letsatsi la bosupa, ha kgosi e thabisitswe ke ho nwa veine, ya bitsa Mehumane, le Biseta, le Harebona, le Bigita, le Abakata, le Setare, le Karakase, e leng mahaole a supileng a neng a sebeletsa kgosi. 11Ya a laela hore a tlise mofumahadi Fashiti kapele ho kgosi, a rwetse mofapahlooho wa bofumahadi, hore setjhaba le mahosana a tlo boha botle ba hae, hobane mofumahadi o ne a le motle haholo. 12Empa mofumahadi Fashiti a hana ho tla ha mahaole a mo tsebisa taelo ya kgosi. Ka baka lena, kgosi ya halefa haholo, mme kgalefo ya yona ya tlokoma.
13Kaha e ne e le tlwaelo ya kgosi ho rerisana le bohle ba neng ba tseba molao le dikahlolo, yaba e bua le banna ba bohlale, ba neng ba tseba mehla eo. 14Bao e neng e le diphatho tsa kgosi ke bana: Kareshena, le Shetare, le Ademata, le Tarashishe, le Merese, le Maresena, le Memukane, e leng mahosana a supileng, a tswang Peresiya le Media, wona matona a neng a ema kapele ho kgosi, mme e le wona a ka sehloohong mmusong.
15Yaba kgosi e re ho bona: “Kaha mofumahadi Fashiti a sa phetha taelo ya kgosi Ahashuerushe, eo a mo rometseng yona ka mahaole a hae, ho ya ka molao eka kgona mofumahadi a etswe jwang?”
16Yaba Memukane o araba a le kapele ho kgosi le mahosana, o re: “Mofumahadi Fashiti ha a ya sitelwa kgosi feela, empa o sitetswe le mahosana wohle, le ditjhaba tsohle tse dinaheng tse buswang ke kgosi Ahashuerushe. 17Ketso ena ya mofumahadi e tla phatlalla, e fihle ho basadi bohle, mme ka hona ba tla tella banna ba bona, ha ba utlwa hore kgosi Ahashuerushe o ile a laela mofumahadi Fashiti hore a tle ho yena, empa mofumahadi a hana ho tla. 18Hona kajeno, dikgosatsana tsa Peresiya le Media tse utlwileng tsa boitshwaro bona ba mofumahadi, di tla etsa jwalo ho mahosana a kgosi, mme ho hlomphollana le ho halefelana ho ke ke ho hlola ho fela.
19“Haeba kgosi e ka kgahlwa, a ho ke ho tswe taelo ya kgosi, mme e ngolwe melaong ya Peresiya le ya Media, e le hore taelo eo e se ke ya fetolwa, ho thwe Fashiti a ke ke a hlola a ema kapele ho kgosi Ahashuerushe. Ditokelo tsa hae tsa bofumahadi di newe e mong e motle ho mo feta. 20Ha taelo ena ya kgosi e tla etswa, e phatlalatswa hohle mmusong wa kgosi o namileng, basadi bohle ba tla hlompha banna ba bona, ebang banna bao ke mahosana kapa ke bafo.”
21Keletso ena ya thabisa kgosi le mahosana, mme kgosi ya etsa kamoo Memukane a eleditseng kateng. 22Yaba kgosi e romela mangolo dinaheng tsohle tseo e di busang, naha ka nngwe ya ngollwa ka mongolo wa yona, setjhaba ka seng sa ngollwa ka puo ya sona, ha thwe monna e mong le e mong a laole lelapa la hae, ho buuwe puo ya habo.