21Ho madimabe ba rerang bolotsana,
ba nahanang bokgopo
ba le diphateng tsa bona!
Ha bosiu bo esa
ba a bo phethathatsa,
hobane ba na le matla
a ho etsa jwalo.
2Ba tswela masimo a batho pelo,
ba a hape,
ba honohele matlo a batho,
ba inkele wona;
ba hatella motho
le ba lelapa la hae,
ba mo hatelle, ba je lefa la hae.
3Ka baka leo, Morena o bua tjena:
“Ke ntse ke rera koduwa,
ke e rerela tjhaba sena,
koduwa eo se ke keng
sa ba sa e phema.
Ha se ka ke sa tsamaya,
sa tsamaya ka boikakaso,
hobane e tla be e le nako,
nako ya tlokotsi.
4Mohla tsatsi leo ba tla le soma,
ba le binele kodi-ya-malla
ba re: ‘Re fela re faladitswe,
Morena o re amohile naha ya rona,
a e abela bathopi ba rona.’ ”
5Kahoo kahara phutheho,
phutheho ya Morena,
ha ho na ho ba le motho le ya mong
ya tla le arolela naha ka lotho.
6Baporofeta ba bohata ba re ho nna:
“Se ke wa re porofetela,
se ke wa porofeta dintho tsena;
Modimo ha a ka ke
a re hlabisa dihlong.”
7Na ho ka botswa ntlo ya Jakobo
ha thwe: “Ebe Morena
o feletswe ke mamello?
Na tse tjee di etswa ke yena?”
“Na polelo tsa ka
ha di tlise molemo,
di o tlisetsa ba etsang ho loka?
8Empa lona tjhaba sa ka
le iphetotse sera!
Motho wa kgotso
ha a feta ka tsela,
a iphetela, a sa nahane tsa ntwa,
le mo amoha kobo a e apere.
9Basadi ba tjhaba sa ka
le a ba leleka,
le ba leleka malapeng,
malapeng a bona a matle;
le amoha bana ba bona tlotla ya ka,
le ba amoha yona ho-ya-ho-ile.
10Emang, le tsamaye, le tlohe mona!
Baka sena hase sa lona
sa ho phomola,
ka baka la hobane se silafetse,
se senyehile,
se ke ke sa hlola se loka.
11Haeba ya leshano,
ya thetsang, a ka re:
‘Ke porofeta hore veine ya lona
e tla kopotsa,
jwala ba lona
e be bo bongata haholo,’
eo e ka ba yena
moporofeta wa tjhaba sena!”
12“Ruri ke tla le phutha kaofela,
ke phuthe lona bohle
ba ntlo ya Jakobo;
ruri masalla a Baiseraele
ke tla a phutha,
ke a kgobokanye
sa nku di kena sakeng,
ke a phuthe
sa mohlape o le makgulong,
e be boiyane
bo phetheselang ba batho.
13Pulamadiboho e tla ba etella pele;
ba tla roba mekwallo ya kgoro,
ba itsamaele.
Kgosi ya bona
e tla tswa pele ho bohle,
ka sehloohong sa bona
Morena a itlhomme.”