71Kamorao ho tsena Jesu a tsamaya Galelea; o ne a sa rate ho tsamaya Judea, hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya. 2Mokete wa Bajuda wa Maphephe o ne o le haufi.Mee. 23:34
Dipo. 16:13
3Yaba bana babo ba re ho yena: “Tloha mona, o ye Judea, hore le barutuwa ba hao ba bone mesebetsi eo o e etsang, 4hobane ha ho ya etsang letho sephiring, ha a batla ho ba pepeneneng. Ha o etsa tsena, iponahatse ho lefatshe.” 5Esitana le bana babo ba ne ba sa dumele ho yena.
6Jesu a re ho bona: “Nako ya ka ha e eso fihle, athe nako ya lona ke yona kamehla. 7Lefatshe le ke ke la le hloya, empa nna le ntlhoile, kahobane nna ke paka hore mesebetsi ya lona e mebe. 8Lona, eyang moketeng; nna ha ke ye moketeng ona, hobane nako ya ka ha e eso fihle.” 9Hoba a ba bolelle tsena, a sala Galelea.
10Empa ha bana babo ba se ba ile moketeng, le yena a ya ka lenyele, e seng ka ho totobala, empa sephiring. 11Jwale Bajuda ba mmatla moketeng, ba re: “O kae?”
12Ho ne ho ena le ho dumaduma ho hongata ka yena letshweleng; ba bang ba ne ba re: “O lokile.”
Ba bang ba re: “Tjhe, o kgelosa letshwele.” 13Leha ho le jwalo ho ne ho se ya buang ka yena pepeneneng ka baka la ho tshaba Bajuda.
14Ha e se e le mahareng a mokete, Jesu a ya ka Tempeleng, a ruta. 15Bajuda ba makala, ba re: “O tseba tsa thuto jwang, a sa ithuta?”
16Jesu a ba araba, a re: “Thuto ya ka hase ya ka, empa ke ya ya nthomileng; 17ha motho a rata ho etsa thato ya ya nthomileng, o tla tseba hore na thuto eo e tswa ho Modimo, kapa ke bua ka bonna. 18Ya ipolelang o ipatlela tlotla, athe ya batlang tlotla ya ya mo romileng, yena ke wa nnete, mme ho se loke ha ho yo ho yena. 19Na Moshe ha a a ka a le nea Molao? Empa ha ho le ya mong ya phethang Molao oo. Ke ka baka lang ha le batla ho mpolaya?”
20Letshwele la araba, la re: “O na le modemona; ke mang ya batlang ho o bolaya?”
21Jesu a ba araba, a re: “Ke entse ketso e le nngwe, mme le maketse bohle. 22Moshe o le neile lebollo, e seng hore le tswa ho Moshe, empa le tswa ho baholoholo, mme le bolotsa motho ka Sabatha.Tshim. 17:10
Mee. 12:3
23Ha motho a bolotswa ka Sabatha hore Molao wa Moshe o se ke wa fediswa, keng ha le nkgalefela kahobane ke fodisitse motho kahohlehohle ka Sabatha?Joh. 5:9
24Se ahloleng ho ya ka tshobotsi, empa ahlolang ka kahlolo e lokileng.”
25Ba bang ba Jerusalema ba re: “Na hase yena eo ba batlang ho mmolaya? 26Empa bonang, o bua pepenene, mme ha ba re letho ho yena. Na ekaba babusi ba tsebile kannete hore ke yena Kreste? 27Empa re tseba moo motho enwa a tswang teng; ha Kreste a etla, ha ho ya tla tseba moo a tswang teng.”
28Jwale Jesu a phahamisa lentswe, a ruta ka Tempeleng, a re: “Le a ntseba, le tseba le moo ke tswang teng; ha ke a tla ka bonna, empa ya nthomileng ke wa nnete, eo le sa mo tsebeng. 29Nna ke a mo tseba, hobane ke tswa ho yena, mme ke yena ya nthomileng.”
30Jwale ba batla ho mo tshwara, empa ha ho ya ileng a mo isa letsoho, hobane nako ya hae e ne e eso fihle. 31Empa ba bangata letshweleng ba ile ba dumela ho yena, ba re: “Ha Kreste a etla, na o tla etsa mehlolo e mengata ho feta e entsweng ke eo?”
32Bafarisi ba utlwa letshwele le dumaduma tse jwalo ka Jesu, mme baprista ba baholo le Bafarisi ba roma bahlanka ho mo tshwara. 33Yaba Jesu o re: “Ke sa tla ba le lona nakwana, ebe ke ya ho ya nthomileng. 34Le tla mpatla, mme ha le na ho mphumana; le moo ke leng teng, le ke ke la tla.”
35Bajuda ba botsana, ba re: “O se a tla ya kae hore re se ke ra mo fumana? E seng o se a tla ya ho ba qhalaneng hara Bagerike le ho ruta Bagerike? 36Ke polelo nngwe eo a e boletseng, ha a re: ‘Le tla mpatla, mme ha le na ho mphumana; le moo ke leng teng, le ke ke la tla.’ ”
37Ka letsatsi la ho qetela, e leng le leholo la mokete, Jesu a ema, a howa, a re: “Ha motho a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.Mee. 23:36
38Ya dumelang ho nna, jwalokaha Mangolo a boletse, dinoka tsa metsi a kollang di tla phalla di etswa ka ho yena.”Esk. 47:1
Sak. 14:8
39A bolela hona a lekanya Moya oo ba dumetseng ho yena ba neng ba se ba tla o amohela; kaha Moya o ne o eso be teng, hobane Jesu a ne a eso tlotliswe.
40Jwale ha ba bang letshweleng ba utlwa dipolelo tsena, ba re: “Kannete ke yena Moporofeta!”
41Ba bang ba re: “Ke yena Kreste!”
Empa ba bang ba re: “Na Kreste a ka tswa Galelea? 42Na Mangolo ha a bolele hore Kreste o tla tswa lelokong la Davida, motsaneng wa Betlelehema, moo Davida a neng a ahile teng?”2 Sam. 7:12
Pes. 89:4,5
Mmik. 5:2
43Yaba letshwele le fapana ka maikutlo ka baka la hae; 44ba bang ho bona ba ne ba lakatsa ho mo tshwara, empa ha ho ya ileng a mo isa letsoho.
45Jwale bahlanka ba ya ho baprista ba baholo le ho Bafarisi, mme bao ba re ho bona: “Ke ka baka lang le sa mo tlisang?”
46Bahlanka ba araba, ba re: “Ha ho motho ya kileng a bua jwaloka motho enwa.”
47Bafarisi ba ba botsa, ba re: “Na le lona le kgelositswe? 48Na o teng ho babusi kapa ho Bafarisi ya dumetseng ho yena? 49Empa mahoohoo ana a sa tsebeng Molao a rohakehile.”
50Nikodema, e mong wa bona, ya neng a tle ho yena pele ho moo, a re ho bona:Joh. 3:1,2
51“Na Molao wa rona o ahlola motho a eso ikarabelle, le ho tseba seo a se entseng?”
52Ba mo araba, ba re: “Na le wena o tswa Galelea? Fuputsa, mme o tla bona hore ha ho moporofeta ya tswang Galelea.”
53Jwale e mong le e mong a ya tlung ya hae.