621Ka baka la Sione
ha nka ke ka kgutsa,
ka baka la Jerusalema
ha nka ke ka phomola,
ho fihlela
ho loka ha yona ho kganya
ho kganya sa mafube a meso,
topollo ya yona
e tshwana le lebone le tukang.
2Baditjhaba ba tla bona
ho loka ha hao,
dikgosi tsohle di bone
tlotla ya hao;
wena o tla bitswa
ka lebitso le letjha,
leo o tla la rewa
ke Morena ka seqo.
3Matsohong a Morena
o tla ba mofapahlooho wa tlotla,
matsohong a Morena
o be moqhaka wa bokgosi.
4Ha o ka ke wa hlola
o bitswa Molahluwa,
kapa naha ya hao e bitswe Nanaola;
empa o tla bitswa Monnyakalatsi,
naha ya hao e bitswe Monyaduwa,
hobane Morena o thabiswa ke wena,
naha ya hao
e tla ba mohatsa Morena.
5Jwalokaha mohlankana
a nyala morwetsana,
bara ba hao le bona
ba tla o nyala;
jwalokaha monyadi
a thabela monyaduwa,
Modimo wa hao le yena
o tla o thabela.
6“Ke beile balebedi
hodima marako a hao,
wena Jerusalema,
ba ke keng ba kgutsa
motsheare le bosiu:
Lona ba rapelang Morena
le se ke be la kgutsa,
7Morena le se ke be la mo fa phomolo,
ho fihlela a hlomamisa Jerusalema,
a etsa hore lefatsheng mona
e be Sebabatso!
8“Morena o hlapantse
ka tsoho le letona la hae,
a hlapanya
ka matla a tsoho la hae, a re:
‘Ruri ha nka ke ka hlola
ke fana ka mabele a hao,
ke a nea dira tsa hao
hore e be dijo tsa tsona;
baditjhaba ha ba ka ke ba hlola,
ba enwa veine ya hao,
veine eo o e sebeleditseng ka thata.
9Ba kotulang mabele
ke bona ba tla a ja,
ba a je, ebe ba rorisa Morena;
ba kgang morara
ke bona ba tla nwa veine,
ba e nwelle mabaleng,
mabaleng a Sehalalelo sa ka.’ ”
10Tswang! Tswang!
ka dikgoro tsa motse,
le lokise tsela ya tjhaba sa ka;
batalatsang, batalatsang mmila,
le suthise majwe,
le phahamisetse
ditjhaba tsohle mokgele.
11Morena o entse phatlalatso,
a e etsa ho ya fihla dipheletsong,
pheletsong tsa lefatshe:
“Bolellang moradi wa Sione,
le re: ‘Mopholosi wa hao
o sa le tseleng,
o tla a nkile moputso wa hae,
phetetso ya hae
e mo eteletse pele.’ ”Mat. 21:5
Tshen. 22:12
Esa. 40:10
12Ba tla bitswa tjhaba se halalelang,
ba bitswe balopollwa ba Morena;
wena o tla bitswa Mpatlwane,
o bitswe motse o sa furallwang.